Mohlomphehi Voeswa Tsheka, mokhethoa oa Thuathe 26, e bile e le setho se secha sa Lekhotla la Matona, o hlapantΕ‘itsoe kajeno ka la 30 β€˜Mesa 2026 ntlong ea Borena bo Boholo, Maseru, e le letona lekaleng le lecha la Tsa Lehae le Sepolesa.

Phetoho ena e tlile kamorao hore Mohlomphehi Lebona Lephema, ea tsebahetseng e le Letona Lekaleng la Puso ea Libaka, Borena, Tsa Lehae le Sepolesa a fuoe thomo e ncha ea ho ea etella Lekala la Khoebo, Mesebetsi e Meholo le Kholiso ea Khoebo

Lekala le leboha tΕ‘ebelisano mmoho, mafolo-folo le chebelo-pele eoΒ  Mohlomphehi Lephema ae bontΕ‘itseng kahare ho lekala, β€˜me le mo lakaletsa katleho le mahlohonolo thomong e ncha, moo a tlang ho etella pele teng. Ho sa le joalo, Lekala la Tsa Lehae le Sepolesa le amohela Mohlomphehi Tsheka ka liatla tse mofuthu.

Litaba tsenaΒ  li etsahala kamora hore ka la 29 β€˜Mesa 2026, ofisi ea Mongoli e Mohlolo oa β€˜Muso e ntΕ‘e polelo e tsebisang sechaba ka liphetoho tseo Motlotlehi Letsie III a li entseng ka khothaletso ea Mohlomphehi Tona-Kholo Samuel Ntsokoane Matekane, lekhotleng la matona, mme tsona li kena tΕ‘ebetsong hang-hang.