Mohlomphehi Letona La Litaba tsa Lehae le Sepolesa, Mofumahali Voeswa Tsheka o amohetse Moemeli oa Lenaneo La Machaba a Kopaneng le NtΕ‘etsopele (UNDP) Dr. Jacqueline Olweya kajeno. Kopano ena e ne e reretsoe ho tlisa le ho matlafatsa tΕ‘ebelisano-mmoho ea nako e telele lipakeng tsa Lekala le UNDP.Mohlomphehi Letona La Litaba tsa Lehae le Sepolesa, Mofumahali Voeswa Tsheka o amohetse Moemeli oa Lenaneo La Machaba a Kopaneng le NtΕ‘etsopele (UNDP) Dr. Jacqueline Olweya kajeno. Kopano ena e ne e reretsoe ho tlisa le ho matlafatsa tΕ‘ebelisano-mmoho ea nako e telele lipakeng tsa Lekala le UNDP.

Dr. Olweya o ile a thoholetsa Mohlomphehi Letona ka ho khethoa ha hae ho ba Letona, ’me a boela a tiisa boitlamo ba UNDP ba ho tΕ‘ehetsa Lekala ho ntΕ‘etsa-pele phano ea litΕ‘ebeletso tse kenyeletsang bohle, le liphetho tsa ntΕ‘etsopele e tΕ‘oarellang tse tsamaellanang le maano a naha hammoho le Lipheo tsa Nts’etsopele e TΕ‘oarellang (SDGs).

Libaka tsa tΕ‘ebelisano tse ntseng li tsoela pele lipakeng tsa Lekala le UNDP li kenyelletsa tΕ‘ehetso ea ho matlafatsa bokhoni ba Sepolesa se Palameng sa Lesotho mabapi le mapolesa a sebetsang haufi le sechaba, katoloso ea litΕ‘ebeletso tsa boitsebiso ba naha tse tsamaeang, ho kenyeletsa nchafatso ea likarete tsa boitsebiso, hammoho le tlhatlhobo-bocha ea molao oa likarete tsa boitsebiso ba naha ho matlafatsa moralo oa molao le maano mabapi le boitsebiso ba mahlale le litokomane tse ling tse tΕ‘epahalang tsa mahlale.

Kopano ena e totobalitse bohlokoa ba tΕ‘ebelisano-mmoho le khokahano e tsoelang pele ho khothaletsa puso e ntle, litΕ‘ebeletso tsa sechaba tse ntlafetseng, le phetoho ea mahlale e kenyeletsang bohle Lesotho.