Maobane ka la 16 Loetse 2025 lekala la Puso ea Libaka, Borena, tsa Lehae le Sepolesa le ile la keteka letsatsi la machaba la tokomane ea mantlha ea boitsebiso (ID) Lehakoe Maseru, βBoitsibiso ba ka, TΕ‘ireletseho ea kaβ.
Ha a fana ka sepheo sa mokete Mongoli e Moholo oa lekala Dr. βMamphaka Mabesa o bontΕ‘itse hore lekala le etse hloko bothata boo baithuti ba kopanang le bona ha ba lokela ho ea likolong tse phahameng kaha mangolo a bona a thuto a hanana le boitsebiso ba bona ka lebaka la pheto-phetoho ea mabitso. A re sena se boetse se tlisa qholotso e kholo ho baithuti ha ba lokela ho fumantβsoa lihlapiso, ke kahona lekala le ileng la ikeletsa hore le fetole mpshane le tβsoare βmoka oa mofuta ona.
Dr. Mabesa a supa hore lefatΕ‘e ka bophara le lokela ho ema ka maoto ho etsa mohoo ho hlokomelisa Sechaba ka bohlokoa ba ho ingolisetsa litokomane tsa mantlha tsa botho tse molaong hore motho emong le emong a be le tsona kaha boitsebiso ba motho ka mong ele seitΕ‘ireletso sa hae. Tlhokahalo ea litokomane tsa mantlha tsa motho e amoha motho litokelo tsa hae tsa mantlha le hona ho lahleheloa ke boleng kapa bochaba ba hae. A tsoela-pele a re ha motho a ena le tokomane ea manthla ea botho taba eo e tsosolosa morolo ho Sechaba se joalo, βme e phakise e kenye lerato la naha.
Ho ea ka Letona la Bosebeletsi ba Sechaba Mohlomphehi Stephen Mputi ea tΕ‘oereng molepo ele Letona la Puso ea Libaka, tsa Lehae le Sepolesa o bontΕ‘itse hore hona hase ketekelo feela empa ke monyetla oa hore Sechaba sa Basotho se itekole, βme le βmuso o etse boitlamo ba ho fana ka litΕ‘ebeletso tse phethahetseng ho Sechaba.
Mohlomphehi Mputi a supa hore ho tloha lilemong tse fetileng, Lesotho le sebelitse ka bokhabane ho netefatsa hore Mosotho e mong le e mong o ba monyetleng oa ho ngolisa lengolo la tlhaho le tokomane ea boitsebiso ho ba amehang. A tsoelapele a re lipakeng tsa 2019 β 2023 lekala le ngolisitse lipalo-palo tse tlohang ho 21% – 61% ka bana ba 81% ba tlase ho lilemo tse hlano. Ha Basotho ba 90% bona ba na le likarete tsa boitsebiso. Katleho ena e re beha maemong a tsitsitseng a ho ntΕ‘etsa-pele litΕ‘ebeletso, haholo ntlha-kholo ea ntΕ‘etso-pele ea moshoelella 16.9 e reng, motho e mong le e mong a be a ena le tokomane ea boitsebiso e molaong ka selemo sa 2030.
A tsoela-pele a re taba ena e thusitse litΕ‘ebeletso tsa βmuso le mafapha a ikemetseng hore litaba tsa bosebeletsi li tsamae ka thello, joalo ka ho lefa ba lokeloang ke litsiane tse joalo, hammoho le ho hlaola bohlasoa bo neng bo le teng ka hara sesiu sa bahlanka ba βmuso ekasitana le tsa maqheku. A re le ha ho le joalo lekala la Thuto le Bosebeletsi le ntse le saletse morao mafapheng a mangata joaloka lihlapiso le tse ling. A bontΕ‘a hore ke lebaka lena lekala le ikelelitseng hore letsatsing la kajeno litaba tsena li ikamahanye le litaba tsa thuto ho tloha likolong tsa likonyana ho ea ho tsa thuto e phahameng.
Mohlomphehi Letona, a qetella ka hore sesiu sa lefapha la mangolo a tlhaho le litokomane tsa mantlha tsa botho se lokela hore se nyalane le sesiu sa lekala la thuto hore tsena tsohle li tle li nepahale ho sa sitisoe boithuto ba ngana ka mong. Hape lekala le bonahale le tsoela ka ntle metseng le metsaneng ea naha ea Lesotho ho ea ngolisa ba ntseng ba le morao.
Ho ea ka ea tΕ‘oereng molepo e le Mongoli e Moholo oa lekala lebitsong la Letona la Thuto le Koetliso Dr. Makhube Ralenkoane o bontΕ‘itse hore tokomane ea boitsebiso e bohlokoa haholo thutong. A re ke ka eona Sechaba se ka fenyang bofuma, sa ba le bongoe, tsebo le boitΕ‘epo bo phethahetseng. A supa hore lekala le tΕ‘oere ka thata hore ho be le moralo o hlakileng moo teng ho tlang ho ba le nelehetsano e hlakileng ea ngoliso ea bana ho tloha sekolong sa likonyana ho ea tsoa sekolong se phahameng hore hobe le ponaletso ea mangolo a thuto a baithuti ho qoba bomene-mene bo bonahalang bo jele setsi kahare ho naha mabapi le mangolo a thuto, a baithuti.
Ho sa le joalo o bontΕ‘itse qholotso e kholo ele ho etsa tΕ‘alo morao ea litokomane tsa baithuti ka lebaka la tlhokahalo nelehetsanong ea marang-rang mabapi le tokomane ea boitsebiso hore lekala le tsebe ho kenya tΕ‘ebetsong nomoro ea boitsebiso ea ngoana ka mong lengolong la hae la thuto, ho tloha ha a qala sekolong sa likonyana. A kopa lekala ho tΕ‘oara ka thata ho lokisa bothata bona ba ho fana ka lengolo la tlhaho esale ka nako e le ho qoba pherekano e ka bakoang ke seo. A qetella ka hore phano ea tokomane ena e tlo etsa Sechaba se motlotlo se ikhantΕ‘ang ka bochaba ba sona.
Mookameli oa lefapha la ngoliso le phano ea litokomane tsa mantlha tsa botho Monghali Napo Khuele ha beha litaba tsa hae, o hlalositse hore kahara kontinente ea Aforika ke bonyane li milone tse 500 tsa batho ba senang litokomane tsa boitsebiso, βme hara palo eo ke bonyane li milone tse 90 tsa bana ba senang mangolo a tlhaho. A re letsatsi lena le hloailoe ele hofa linaha tsa machaba monyetla oa ho lula fatΕ‘e ele ho itekola hore na boikarabello le litokelo tsa motho lintse li fetisetsoa sechabeng ka nepo.
Ha ele Moemeli oa UNICEF Monghali Bob Muchabaiwa ena o bontΕ‘itse hore mohoo ona oa selemo senaβBoitsebiso ba ka, SeitΕ‘ireletso sa ka o bontΕ‘a hore tokomane ea mantlha ea botho e fana ka tΕ‘ireletso e phethahetseng hore Sechaba se fumantΕ‘oe litΕ‘ebeletso ka botlalo le menyetla ea thuto e bulehe hoohle lefatΕ‘e ka bophara.
Hara libui tse bileng teng ebile Lekala la Puso ea Libaka, Borena, tsa Lehae le Sepolesa, Thuto le Koetliso, le la Mahlale, Moemeli oa UNICEF, CHE, Sekolo se phahameng sa Lerotholi, Limkokwing, NUL, LOIC, ECOL, Mokhatlo oa Litichere. Phuthelo ena e ile ea tsamaisoa ke Motlatsi oa Mongoli e Moholo oa Lekala lefapheng la tsa Lehae, Monghali Nkhotha Machachamise.
Β Β
Β Β
Β Β
Β Β 